KETEKELO EA LETSATSI LA LEFATŠE LA LITOKELO TSA BAJI - Ministry of Trade and Industry
avukat

News Detail

CBS Support March 18, 2020

KETEKELO EA LETSATSI LA LEFATŠE LA LITOKELO TSA BAJI

Motsamaisi oa Tšebeletso ea kajeno, ke lakatsa ho qala pele ka ho isa hlompho e
khethehileng ho:
Hlooho ea Naha, Motlotlehile Letsie III;
Tona-kholo ea ’Muso oa Motlotlehi, Mohlompehi Dr. Thomas Thabane;
Mookameli oa ntlo ea Mahosana;
Motsamaisi oa lipuisano ntlong ea Bakhethoa
Moahloli e Moholo;
Bahlomphehi Matona a ’Muso oa Motlotlehi, haholo a teng koano;
Liofisiri tse kholo tsa ’Muso oa Motlotlehi;
Baphatlalatsi ba litaba;
Baeti ba khabane le lona bo-Ntate le bo-’M’e.

Motsamaisi oa litšebeletso, ntumelle hore ha ke se ke fetisitse litumeliso tsaka ho lona, ke bontše hore letsatsi lena ke la bohlokoa haholo. Kajeno re kopane koano ho tla keteka Letsatsi la Lefatše la Litokelo tsa Baji, le ketekoang selemo le selemo ka la Leshome le Metso e Mehlano,Tlhakubele (15th March).


Bo-Ntate le bo-’M’e,
Ke batla ho qala ka ho hlalosa ha khutšoane hore na re bolelang ka Baji kapa Moji. Moji ke motho e mong le e mong, motho ea amohelang tšebeletso kapa thepa, ekaba eo a e rekang kapa tšebeletso eo a e fumantšoang ntle le tefiso. Moji o tšireletsoa khahlanong le litloaelo le liketso tsa khatello tse etsoang ke bahoebi kapa bafani ba litšebeletso ka ho hlahlelloa le ho rutoa ka litokelo tsa hae e le moji.


Tšireletso ea baji e thonngoe ka mor’a tekenelo ea tumellano ea Machaba ea ho sireletsa Baji ka 1962 naheng ea Amerika (Consumers Rights Protocol). Ka hare ho tumellano ena ho hloauoe litokelo tse robeli (8) tsa baji tse ananetsoeng lefatše ka bophara ho sebelisoa ho tšireletsa baji. Lesotho joaloka setho sa Machaba a Kopaneng (United Nations) le ananetse tumellano ena ka selemo sa 1986 ka hoba setho sa mokhatlo oa Consumer International ele ho fana ka tšireletso ho baji.


Litokelo tseo ke tse latelang:
Tokelo ea:
ho ba le tsebo;
ho bolokeha;
ho utloahala;
ho buseletsoa;
ho ba le khetho;
ho fumantšoa thuto;
ho phela tikolohong e hloekileng; le
ho khotsofatsa litlhoko tsa mantlha.


Kea lumela joale hore bohle re na le leseli le phethahetseng ka litokelo tsa rona re le baji.
MOHOO” oa selemo sena o re “MOJI EA IKEMETSENG – SUSTAINABLE CONSUMER” hona ho bolela tlhahiso e tsetsitseng ea thepa, lijo le litšebeletso ho tloha mohloling o tšepahalang oa tlhahiso. Ke molemong oa bophelo bo botle ho bohle esita le paballeho ea tikoloho le taolo ea sekhahla se phahameng sa bofuma.

Har’a litokelo tsena, le tla elelloa hore mohoo ona o ikamahantse le tokelo ea ho phela tikolohong e hloekileng. ’Me hona ho bolela hore re ikatele ka ho tseba litokelo tsa rona re le baji, kamehla ha re sebelisa chelete ea rona re hopole litokelo tsena, re be re nke boikarabello ba rona hore li tle li re sireletse. Lekala la heso le se le kentse tšebetsong Leano la Tšireletso ea Baji (Consumer Protection Policy) e le ho sireletsa baji ba Lesotho khahlanong le mano a borakhoebo le bafani ba litšebeletso. Ofisi ea Boiketlo ba Baji e lekaleng la heso e ntse
e potoloha le naha ho ruta le ho phatlalatsa Leano la Tšireletso ea Baji. Sena e se etsa e le hore likateng tsa leano lena li tsejoe ke batho bohle hohle ka har’a naha le moo e bang tsa marang-rang kapa lia le-moea ha li finyelle. Lithuto tsena li etsetsoa baji le bahoebi hammoho hobane mohoebi ke mohoebi kajeno ke moji hosane. Bohlokoa ba lithuto tsena ke ho aha tšebelisano ’moho e mofuthu mahareng a moji
le mohoebi.


Bo-Ntate le Bo-mme, le ka hopola hore morao tjena re lula re utloa litletlebo tse ngata tse hlahang ho baji ka bahoebi le tse hlahang ho bahoebi ka baji. Sena se ka nna sa bakoa ke hobane melao e sireletsang baji ka har’a naha ea Lesotho e laoloa makaleng a fapaneng ho ea ka mefuta ea likhoebo. Ele ho leka ho fokotsa sekhahla sa metsi ana a kenang ka moeli; Lekala la Khoebo le Mesebetsi e Moholo le se le
entse Setšoantšo sa Molao oa Tšireletso ea Baji (Consumer Protection Bill) se seng se hatetse pele haholo, se se se emetse ho hlohonolofatsoa ke Paramente ea Lesotho se tsebe ho kena tšebetsong.


Bo-Ntate le Bo-mme, ha re fihla mothating ona ke rata ho boela ke le leboha bohle ba atlehileng ho finyella ’mokeng ona oa ho ketekela Letsatsi la Lefatše la Litokelo
tsa Baji, ’me ka mantsoe ana ke phatlalatsa mona hore Letsatsi la Litokelo tsa Baji 2020 le tšoahiloe Lesotho.


MOREKI KE MORENA!!! MOJI EA IKEMETSENG!!! BOJI BO TSITSITSENG!!!
KHOTSO!!! PULA!!! NALA!!!

Leave a Comment

Your email address will not be published. Required fields are marked *

This site uses Akismet to reduce spam. Learn how your comment data is processed.

ankara escort çankaya escort